Bread (Maize) 										SESOTH 

Bohobe ba ka mehla – bo ka nna ba kgaotsa ho ba teng



Instructions: 

Folio strap: 

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi

Add a pic of bread with the heading

Photos:

Photo 1: Samuel Moloi (Molemi wa Selemo sa 2009), o kotutse ditone tse tshabehang tsa 3.5  hekthara ka nngwe tsa koro sehleng sena.

Photo 2: Pokeletso ya koro ya Samuel Moloi.



Dinaheng tse ngata tsa lefatshe, batho ba bangata ba se ba nkile bohobe e le tokelo, eseng monyetla. Le mona Afrika Borwa ho jwalo feela, moo ka dilemo tse ngata, balemi ba Afrika Borwa ba hlahisitseng koro yohle e hlokwang ho tiisa hore bohobe bo a fumaneha dirakeng tsa mabenkele. 

Nakong ya dihla tse pedi tse fetileng, bahlahisi ba koro ba ile ba shebana le qaka ya hore ba sitwa ho hlahisa koro le ho etsa phaello – ditjeo tsa tse  sebediswang mobung di phahame haholo, ha theko ya dihlahiswa yona e le tlase haholo. 

Bahlahisi ba kene kgwebong, mme jwalo ka dikgwebong dife le dife, hore motho a atlehe, o tshwanela ho etsa phaello. Tjhelete eo o e sebedisang ho hlahisa sejothollo e tshwanetse ho ba tlase ho tjhelete eo o e fumanang ha o rekisa dihlahiswa tsa hao. Ka bomadimabe, dilemong tse sa tswa feta, ditjeo tsa tse sebediswang temong, jwalo ka mohlala, metjhine ya temo, diesel, manyolo, peo, dibolayalehola le dibolayakokwanyana, inshorense ya dijothollo, kotulo le teranseporoto, di ile tsa phahama haholo. Se makatsang ke hore theko ya koro yona e theohile. Balemi ba rona jwale ba shebane le bothata ba hore ba sitwa ho tswela pele ho hlahisa koro. 

Ditabeng tsena, ke tsepamisitse maikutlo tlhahisong ya koro mobung o ommeng. Ho totobetse, maemo a ditaba a fapane le a bahlahisi ba sebedisang mekgwa ya nosetso. Bahlahisi bana hangata ba lema dijothollo tse pedi ka selemo, mme ba na le tiisetso ya kuno tse batlang di phahame. Tlhahiso ya dijothollo tse nosetswang ka mehla e phahame ho feta ya mobung o ommeng kapa ya dijothollo tse fumanang pula. Le ha ho le jwalo, ho tshwanetse ho hopolwa hore ha se masimo ohle a ka nosetswang hobane naha ya rona ha e na metsi a lekaneng. Hape ha re a tshwanela ho ya le kgongwana hodimo mabapi le bahlahisi ba sebedisang mokgwa wa ho nosetsa – hopola hore bongata ba bona bo sebedisa motlakase ho pompela metsi masimong a bona. Bohle re lemohile ditheko tse phahameng haholo tseo Eskom e tshosetsang ka tsona. Ha eba ditheko tsena tse phahameng di ka kenngwa tshebetsong, sena se tla ama ka mokgwa o matla ditjeo tsa tlhahiso, le hona ho thibela bahlahisi ba bang ho ka hlahisa dijothollo. 

Hobaneng ha bahlahisi ba lema koro? 

Bahlahisi ba simollotse ho hlahisa koro ya mariha sebakeng se futhumetseng se ka Botjhabela sa Foreisetata dilemong tsa bo1950. Nakong eo, ditjeo di ne di mathela mane ditoneng tse 0.5 hekthara ka nngwe, mme ka ho sebedisa mekgwa e metle ya temo, bahlahisi ba nnile ba kgona ho fumana kuno ya tone hekthareng ka nngwe. Kuno tsena di shebahala eka di nyane, empa hopola hore nakong tseo, ho tswadiswa ha peo ho ne ho sa tswela pele, ho ne ho fokola, mme manyolo a neng a ka fumaneha a ne a sebediswa. Le ha ho le jwalo, bahlahisi ba ne ba etsa phaello. Ka dilemo tse ngata Foreisetata, mebu e bile e metle, e loketseng ho baballa mongobo. Pula tse nang qetellong ya hlabula le hwetla di bolokwa mobung, mme koro e sebedisa mongobo oo ho hola ho fihlela ha ho ena pula tsa selemo. 



Bahlahisi/balemi ha esale ka lemo tse ngata ba ntse ba lema koro ka mokgwa o le mong wa sekgalekgale ho fihlela kgarese e iphetola moleko masimong. Ka ha koro le kgarese di batlile di tshwana, ho ne ho se bonolo ho bolaya kgarese ntle le ho lematsa koro. Balemi ba ile ba qobelleha ho sheba ka lehlakoreng la tlhahiso ya poone, mme hamorao ka soneblomong. Hona e bile mokgwa wa phapantsho ya dijothollo le koro. Taba ya ho tloha mofuteng wa sejothollo sa mariha ho ya ho sa lehlabula, le ho kgutlela morao hape, e bile le melemo e mengata. Mohato o bohlokwa ka ho fetisisa mohlomong ke wa taolo ya lehola. Kgarese e melang mariha e ne e kgona ho laolwa masimong a se nang letho pele dijothollo tsa hlabula di lengwa, mme mahola a lehlabula a ne a laolwa ha bonolo masimong a koro ka ha bongata bo mahlaku a sephara, ha koro yona e le lehlaku le lesesane, mme ka hoo, taolo ka dikhemikhale ka kakaretso e bile ntho e bonolo. 

Balemi ba ile ba sebedisa mokgwa wa ho tlohela masimo a sa lengwa le wa phapantsho ya dijothollo – tatellano e kang ya koro, koro, poone, soneblomo le koro. Molemi ka mong o na le mokgwa wa hae wa ho tlohela masimo le wa phapantsho ya dijothollo, ho ya ka maemo a hae, empa ha e le paterone yona ka kakaretso e ne e ntse e itshwanela. Mefuta e meng ya dijothollo le yona e ne e ntse e kenyelletswa – haholoholo furu ya mehlape.

Jwale balemi ba shebane le qaka – ba tshwanetse ho ba le sejothollo sa mariha saekeleng, empa jwale ha ba sa kgona ho lema koro ka mokgwa o ba tlisetsang kuno. Ba tla qetella ba entse jwang? 

Na Afrika Borwa e sa ntse e hloka balemi ba koro? 

Ena ke potso e ntle eo re tshwanetseng ho ipotsa yona – mmuso le wona o tshwanetse ho botsa potso ena. Hobaneng re tshwanela ho tshwenyeha ka balemi ba rona? Ke mang ya tshotellang le ha ba sa hlahise koro? 



Ke nnete hore lefatshe le se le le lenyane – dihlahiswa ho se ho hwejwa ka tsona mmarakeng wa lefatshe. Ke nnete, mohlomong ho a kgonahala hore Afrika Borwa e ka romella ho tswa ka ntle koro yohle eo e e hlokang, e leng eo e e sebedisang le ya dinaha tse bapileng le yona jwalo ka Lesotho, Swaziland le Botswana. Le ha ho le jwalo, ho kenya thepa e tswang ka ntle ho hloka hore dintlha tse latelang di  elwe hloko: 

Na Afrika Borwa e na le mofuta wa tjhelete ya ka ntle hore e kgone ho lefella thepa e kenang? Hopola hore ho fihlella mofuta wa tjhelete ya ka ntle o tlamehile hore o be o romella ka ntle mofuta wa thepa eo dinaha tse ding di batlang ho e reka. 

Na dinaha tse romellwang thepa di na le koro e lekaneng ya Afrika Borwa selemo le selemo? Ho tla etsahala eng ha di ka etsa qeto ya ho sebedisa koro ya tsona e setseng mabapi le tlhahiso ya ethanol (jwalo ka mohlala) le ho se e romelle naheng tse ding? 

Na ho teng dikepe tse lekaneng jwalo ka teranseporoto e ka fetisetsang koro Afrika Borwa?

Na dikou tsa rona di ka kgona ho sebetsana le koro kaofela e tla tshwanela ho kena Afrika Borwa ho kgotsofatsa ditlhoko tsohle tsa Afrika Borwa le dinaha tse bapileng le yona?

Na ditsela tsa rona di  ka kgona mabapi le teranseporoto ya dijothollo ho tloha koung?

Ho tla etsahala eng ka batho ba sebetsang mapolasing moo ho hlahiswang koro?

Ho tla etsahala eng ka batho ba sebetsang dikoporasing le disiung, ba lokelang ho sebetsana le koro? 



Re na le setjhaba se seholo seo ka kakaretso se futsanehileng – re tshwanetse ho kgothaletsa ntshetsopele ya ikonomi dibakeng tsa mahaeng. Temo ke mokgwa o motle ka ho fetisisa ho fihlella sena. Bahlahisi ba rona ba tshwanetse ho etsa phaello hore ba kgone ho tswela pele ho hlahisa. 

Re reng ka bahlahisi ba batsho ba ntseng ba thuthuha? 

Bohle re sebetsa ka matla ho tlisa phetoho temong ya mona Afrika Borwa – bahlahisi ba teng ba bangata ba tshwanetseng ho hlahisa koro e le karolo ya saekele ya bona ya phapantsho ya dijothollo. Mothating ona, re kgonne ho tshehetsa bahlahisi bana ho kena tlhahisong feela hobane ba nnile ba hlohonolofatswa ka thuso ya Winter Cereals Trust le Lefapha la Temo la Foreisetata. Ha eba re rata ho thusa bahlahisi ba batsho ho kena temong ka mokgwa o tiileng, ho hlokolosi hore re shebe taba ya katleho tlhahisong ya koro. 



Re reng ka thepa e tswang ka ntle? 

Dinaheng tse ding tsa lefatshe, maemo a batla a le matle mabapi le tlhahiso ya koro – mebu e metle, le pula e ngatanyana (ka nako tse ding ke e ka nohuwang), le lona lehlwa le fanang ka mongobo korong nakong tsa mariha (koro e nyane hantlentle ha e senngwe ke serame). Dinaha tse ding le tsona di na le ditjeo tse tlase tsa tlhahiso – ditheko tsa tsona tsa diesel le manyolo, jwalo ka mohlala, di tlasenyana ho tsa rona. Dinaha tsena di kgona ho hlahisa koro e ngata ho feta eo di e hlokang, ka hoo, di kgona ho romella ka ntle. Ke nnete, Afrika Borwa e kgona ho romella koro ka ntle – empa hopola dipotso tseo re tshwanetseng ho ipotsa tsona.



Pheko ke efe? 

Re kgolwa hore e nngwe ya ditharollo ke ho lefisa lekgetho thepeng e kenang ya koro. Ha eba koro e romellwa ho tswa ka ntle, bao ba e rekang ba tshwanetse ho lefa lekgetho le itseng la yona. Lekgetho lena e tla ba mohlodi wa lekgetho la naha, mme le tla thusa ho kenya kgatello thekong ya selehae ya koro. Hopola hore ha monga lelwala a rata ho reka koro, o sheba boleng le theko. Ka kakaretso, boleng ba koro ya Afrika Borwa ke bo botle haholo empa theko e phahame haholwanyane, ka hoo, monga lelwala o reka koro e tswang ka ntle. Ha monga lelwala a lokela ho lefa lekgetho mabapi le koro e tswang ka ntle, o tla nahana taba ya ho reka sejothollo sa lapeng. Sena se tla thusa bahlahisi ka ho eketsa theko eo bahlahisi ba e fumanang mabapi le dijothollo tsa bona. 



Ha eba bahlahisi ba ne ba tshwanetse ho etsa phaello ka koro ya bona, ba ne ba ka nna ba lema koro e ngata. Afrika Borwa e ne e ke ke ya qobelleha ho sebedisa mofuta wa tjhelete ya ka ntle ho reka koro, ikonomi ya selehae e ne e tla matlafala, mesebetsi e mengata e ne e tla ba teng, bahlahisi ba ne ba tla kgona ho lefa basebeletsi ba bona haholwanyane, jwalojwalo. Menyetla e mengata haholo eo naha e ka bang le yona.

Lekgetho la thepa e kenang le ne le tla ba le tshwaetso efe thekong ya bohobe? 

Ha re sheba theko ya:

Lofo ya bohobe, 20% - 25% ya poreisi eo o e lefang ke boleng ba koro lofong eo;

Mokotla wa phofo ya poone – 35% - 45% ya poreisi eo o e lefang ke boleng ba poone.



Ha eba lofo ya bohobe e ja R8, 00 (mohlala), boleng ba koro lofong eo mohlomong e ka ba R2, 00. Jwale lekgetho la thepa e kenang mohlomong e ka ba 5% (e leng le lengata!). Sena se ka eketsa ka 10c poreising ya lofo ya bohobe. Ena ha se phapang e kgolo ya poreisi ho moreki, empa e ka nna ya thibela ho putlama ha kgwebo ya mohlahisi!



Kgwebo e fupere dikotsi – dikgwebo kaofela di fupere dikotsi tse itseng. Empa ho mohlahisi dikotsi ke tse kgolo: 

Saekele ya tlhahiso ke e telele (ho tloha tokisong ya mobu ho ya kotulong);

Dijothollo di pepesehile mabapi le maemo a lehodimo (komello, dikgohola, sefako, serame, lehlwa le meya); le

Bahlahisi ha ba na boikgethelo, ke baamohedi ba diporeisi – mohlahisi o sitwa ho etsa qeto hore o ilo fumana bokae mabapi le tone ya koro, ka ha koro kaofela e rekiswa ka mokgwa wa fantisi, mme poreisi eo a e fumanang ke yona poreisi. Hangata mohlahisi o qobelleha ho amohela poreisi ya dijothollo tsa hae, e leng tlase ho ditshenyehelo tsa ho hlahisa dijothollo tseo. 



Ha o le ralebaka, o reka folouru, mme o etsa qeto ka poreisi ya dirolls tsa hao tsa bohobe. Ha moreki a sa ikutlwe ho lefa poreisi ya hao, o emisa taba ya ho reka folouru le ho baka, ho fihlela poreisi e ntlafala. Hang ha mohlahisi a entse qeto ya ho jala sejothollo, o sitwa ho emisa ka mosebetsi oo ho fihlela diporeisi di ntlafala – o se a sebedisitse tjhelete, o tshwanetse ho kotula le ho rekisa. 



Bahlahisi ba rona ba a rateha - ba sebetsa ka thata, ba ipeha kotsing ka ho hlahisa dijo le ho fa batho ba Afrika Borwa mesebetsi. Hopola hore re kgona ho romellwa thepa e tswang ka ntle ha feela dinaha tseo di tlalletswe, mme naha ya rona e ntse e ena le lekgetho la ka ntle ho lefella thepa e kenang. Ha eba maemo a se matle dinaheng tse re romella thepa, naha tseo di tla emisa ho re romella thepa ya tsona, mme di tla e sebedisetsa mabaka a tsona, mme re tla sitwa ho reka thepa ya tsona. Ha sekgahla sa phapanyetsano se eba kgahlanong le boleng ba ranta ya rona, naha ya rona e ke ke ya ba le tjhelete ya ho lefella dijothollo tse romellwang ho tswa ka ntle. Batho ba tla bolawa ke tlala jwalo ka ha ho etsahala naheng tse ngata tsa Afrika. Bahlahisi ba rona ke ba ratehang, ba sebetsang ka thata, baahi ba Afrika Borwa. Re tshwanetse ho leka ka matla ho etsa hore ba dule ba  hlahisetsa setjhaba sa rona dijo. Nakong e tlang ha o reka lofo ya bohobe – nahana ka mohlahisi wa koro ya lahlehetsweng ke tjhelete hore wena o kgone ho ja! 



